Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 6:37 - BIBELE

37 Empa a ba araba, a re: “Ba fepeng e le lona!” Ba re ho yena: “Na re ka ya reka bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, ra ba fepa na?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 A araba, a re ho bona: Ba feng ke lona. Ba re ho yena: Hleka re ye ho reka mahobe ka disente tse makgolo a mabedi, re ba fe ho ja na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 A araba, a re ho bona: Ba feng ke lona. Ba re ho yena: Hleka re ye ho reka mahobe ka disente tse makgolo a mabedi, re ba fe ho ja na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 6:37
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”


Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: ‘Re fe nama, re je!’


Empa Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; ba fepeng e le lona.”


“Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: ‘Lefa molato wa hao!’


lokolla batho, ba tle ba yo ithekela seo ba ka se jang metseng le metsaneng e re teetseng hare.”


Yena a re ho bona: “Le na le dinkgwa tse kae? Eyang, le bone!” Ha ba se ba fumane, ba re: “Di hlano, le ditlhapi tse pedi.”


“Moadimani e mong o ne a ena le ba babedi ba adimileng ho yena; e mong o ne a le molato wa didenare tse makgolo a mahlano, e mong yena tse mashome a mahlano.


A re ho bona: “Ba fepeng e le lona!” Empa ba re: “Ha re na letho ntle ho dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi feela, haese ha re ka ya rekela batho bana bohle dijo!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ