Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 6:34 - BIBELE

34 Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta taba tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Eitse ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Eitse ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 6:34
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”


Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso!’ ”


Jwaloka kgama e balehang setsomi, jwaloka dinku tse hlokang modisa, motho ka mong o tla kgutlela tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.


“Setjhaba sa ka ke dinku tsa malahleha, badisa ba sona ba ile ba se kgelosa, ba etsa hore se solle hodima dithaba. Se lelerile hodima dithaba le maralla, sa lebala baka sa sona sa ho phomola.


Ka baka la ho hloka modisa di qhalane, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha.


Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa.


ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.”


Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.


Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Ke utlwela batho bana bohloko, kahobane ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. Ha ke lakatse ho ba qhala ba eso je, esere mohlomong ba fellwa ke matla tseleng.”


Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Bongata ba ba bona ha ba tloha, mme ba ba tseba, yaba batho ba mathela teng hammoho, ba etswa metseng yohle, ba ba fihlela pele.


Ha letsatsi le se le ile, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme letsatsi le se le ile;


Matsatsing ao, ha letshwelehadi le boetse le phuthehile, le se na seo le ka se jang, Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona:


“Ke utlwela batho bana bohloko, hobane ba se ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang.


Yare ha matshwele a tseba, a mo latela. Hoba a a amohele, a bua le wona ka Mmuso wa Modimo, a fodisa ba hlokang ho fodiswa.


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ