Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 6:15 - BIBELE

15 Ba bang ba ne ba re ke Elia; ba bang bona ba re ke moporofeta ya jwaloka e mong wa baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba bang ba ne ba re: Ke Elia; ba bang ba re: Ke moporofeta, leha e le ya jwaloka e mong wa baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Ba bang ba re: Ke Elia. Ba bang ba re: Ke moporofeta, kapa o jwaloka e mong wa baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ba bang ba re: Ke Elia. Ba bang ba re: Ke moporofeta, kapa o jwaloka e mong wa baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 6:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Bonang, ke tla le romela moporofeta Elia, letsatsi la Morena le leholo, le tshabehang, le eso fihle.


Ba re: “Ba bang ba re: ‘Ke Johanne Mokolobetsi,’ ba bang ba re: ‘Ke Elia,’ mme ba bang ba re: ‘Ke Jeremia kapa e mong wa baporofeta.’ ”


Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.”


Empa Heroda ha a utlwa, a re: “Johanne eo ke mo kgaotseng hlooho, o tsohile bafung.”


Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.”


O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”


Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”


Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”


Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.”


ba bang ba re, ho hlahile Elia, ba bang ba re, ho tsohile moporofeta e mong wa ba boholoholo.


Ba mmotsa, ba re: “Ha ho le jwalo o mang? Na o Elia?” A re: “Ha ke yena.” “Na o Moporofeta?” A araba, a re: “Tjhe.”


Ba mmotsa, ba re: “Ha o se Kreste, o se Elia, o se Moporofeta, keng ha o kolobetsa?”


Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”


Jwale ha ba bang letshweleng ba utlwa dipolelo tsena, ba re: “Kannete ke yena Moporofeta!”


Ba re hape ho sefofu: “Wena o reng ka yena, ha e le moo a o tutubolotse mahlo?” Sa re: “Ke moporofeta.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ