Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 6:14 - BIBELE

14 Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 6:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mane Jerusalema a etsa metjhine e qapilweng ke banna ba hlalefileng, eo ho betswang metsu le dikakawehadi tsa majwe ka yona. E ne e beilwe hodima ditora le hodima marako a motse. Lebitso la hae la tuma hohle, mme a fumana dithuso tse makatsang, ho fihlela a matlafala haholo.


Baamone ba thella Usiya. Lebitso la hae la tuma ho ya fihla meeding ya Egepeta, kahobane o ne a ile a imatlafatsa haholo.


Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle.


Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.


Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.


Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.”


Ka yona nako eo Bafarisi ba bang ba atamela, ba re ho Jesu: “Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.”


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, ha Pontiuse Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelea, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonite, Losaniase a busa Abilene,


Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.


Ba araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re moporofeta e mong wa ba boholoholo o tsohile bafung.”


Ho tloha ha habo lona, lentswe la Morena ha le a ka la tuma Masedonia le Akaya feela, empa botumo ba tumelo ya lona ho Modimo bo ile ba fihla dibakeng tsohle, hoo re seng re sa hloke ho bua ka taba eo.


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ