Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 5:15 - BIBELE

15 Ba tla ho Jesu, mme ba bona monna ya neng a ena le lebotho la bademona a dutse, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse ha ba fihla ho Jesu, ba bona ya neng a na le batemona ba legione a dutse, a apere, a ena le ditaba; mme ba tshaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Yaba ba tla ho Jesu, ba bona ya neng a na le modemona a dutse, a apere, a ena le kelello e hlaphohileng, ya neng a na le Legione; mme ba tshoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Yaba ba tla ho Jesu, ba bona ya neng a na le modemona a dutse, a apere, a ena le kelello e hlaphohileng, ya neng a na le Legione; mme ba tshoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 5:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona letsatsi leo, Davida a tshaba Modimo, mme a re: “Ekaba areka ya Modimo ke tla e isa jwang ha ka?”


Kahobane ha e a ka ya tliswa ke lona ka lekgetlo la pele, Morena Modimo wa Iseraele, o ile a re halefela, hobane re ne re sa ka ra mo hlompha ka mokgwa o tshwanetseng.”


Na tlotla ya hae ha e tlo le kenya letswalo, kgalefo ya hae e tsubellele hodima lona?


Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe, hobane Modimo o ka thekong, ya moloko o lokileng.


“Kapa motho a ka kena jwang ka tlung ya seqhobane, a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo?


Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi?


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Hoba modemona o lelekwe, semumu sa bua. Matshwele a makala, a re: “Ha ho eso ka ho hlaha ntho e tjena Iseraeleng.”


Badisa ba dikolobe ba baleha ho ya beha ditaba tsena motseng le metsaneng, mme batho ba tla ho tla bona se etsahetseng.


Ba boneng ba ba bolella se etsahetseng ho ya neng a ena le modemona le ka dikolobe.


Yare ha a kena ka sekepeng, monna ya neng a ena le modemona a kopa hore a tsamaye le yena.


hobane o ne a hlola a tlangwa ka mahlaahlela le ka diketane, ebe diketane o a di ngamolla, mahlaahlela a a kgaole dikotwana. Ho ne ho se ya ka mo hlolang ka matla.


Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re ho yena: “Lebitso la ka ke Lebotho, hobane re bangata.”


O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang.


Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng.


O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,


Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.


Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ