Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 5:13 - BIBELE

13 A e dumella, yaba meya e ditshila e a tswa, e kena ka dikolobeng. Mohlape oo, o neng o ka etsa dikete tse pedi, wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, mme wa kgangwa ke metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jesu a phakisa a ba dumella. Yaba meya e ditshila eo e kena dikolobeng; mme mohlape wa mathela selomong, wa itihela lewatleng, e batlile e eba kete tse pedi, mme tsa bipelwa lewatleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Jesu a phakisa a ba dumella. Meya e ditshila ya tswa, ya kena dikolobeng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Jesu a phakisa a ba dumella. Meya e ditshila ya tswa, ya kena dikolobeng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 5:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Morena a re ho wona: ‘Jwang?’ “Wa araba, wa re: ‘Ke tla ya, ke rute baporofeta bohle ba hae ho bua leshano.’ “Morena a re: ‘O tla mo qhekanyetsa, o be o atlehe. Tsamaya, o yo etsa jwalo!’


Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.” Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.


Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.”


“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”


A re ho bona: “Eyang!” Ba tswa, ba kena dikolobeng, mme mohlape kaofela wa tsubella selomong, wa itihela letsheng, wa shwela metsing.


Meya e ditshila ya mo kopa, ya re: “Re romele dikolobeng, e le hore re kene ka ho tsona.”


Badisa ba dikolobe ba baleha ho ya beha ditaba tsena motseng le metsaneng, mme batho ba tla ho tla bona se etsahetseng.


Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.


ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.


Ha dilemo tse sekete di fetile, Satane o tla lokollwa tjhankaneng ya hae,


Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ