Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 3:17 - BIBELE

17 le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo Jakobo, bao a ileng a ba rea lebitso la Boaneregese, e leng ho re: Bara ba Letolo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo, bao a ba ekeleditseng lebitso la Boanergese, ke ho re: Bara ba seaduma;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo; mme a ba rea mabitso a Boanergese, ke ho re, Bara ba seaduma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 le Jakobo, mora Sebedea, le Johanne, ngwanabo Jakobo; mme a ba rea mabitso a Boanergese, ke ho re, Bara ba seaduma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 3:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


“Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana?


Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.


Jakobo le Johanne, bara ba babedi ba Sebedea, ba tla ho Jesu, ba re: “Moruti, re batla o re etsetse seo re tla o kopa sona.”


A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha.


A hlomamisa ba leshome le metso e mmedi, e leng: Simone eo a ileng a mo rea lebitso la Petrose,


le Andrease, le Filipi, le Baretholome, le Matheu, le Thomase, le Jakobo, mora wa Alefiose, le Thadaose, le Simone Motjhesehi,


A se ke a dumella motho ho mo felehetsa, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo Jakobo.


Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, a ya le bona thabeng e telele ba le bang, boinotshing. A fetoha tshobotsi a le pela bona;


Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”


Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho.


Ka nako eo, kgosi Heroda a tshwara batho ba bang ba kereke, ho ba hlokofatsa.


Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.


Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ