Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 2:27 - BIBELE

27 A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jesu a re ho bona: Sabatha a entswe ka baka la motho, motho ha a etswa ka baka la Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 A re ho bona: Sabatha e etseditswe motho, motho ha a a etsetswa Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 A re ho bona: Sabatha e etseditswe motho, motho ha a a etsetswa Sabatha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 2:27
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!


“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;


Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.


Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.”


Ka baka leo, Mora Motho ke Morena, esita le wa Sabatha.”


Yaba Jesu o re ho bona: “Ke a le botsa hore na ho a dumellwa ho etsa hantle kapa ho etsa hampe, ho pholosa bophelo kapa ho bo timetsa ka Sabatha?”


Ha motho a bolotswa ka Sabatha hore Molao wa Moshe o se ke wa fediswa, keng ha le nkgalefela kahobane ke fodisitse motho kahohlehohle ka Sabatha?


Tsohle di entswe ka baka la lona, hore ha mohau o atela ba bangata, ho be le teboho e fetisisang tlotlisong ya Modimo.


“ ‘Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse.


empa letsatsi la bosupa ke la phomolo ya Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa pholo ya hao, kapa tonki ya hao, kapa diphoofolo tsa hao tsohle, kapa majaki ya ha hao, e le hore wena, le mohlanka wa hao, le lekgabunyane la hao, lona le tle le phomole.


Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ