Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 16:14 - BIBELE

14 Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Kamora tseo, a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong, mme a ba kgalemela ka ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba ne ba sa dumele ba mmoneng ha a se a tsohile bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Kamora tseo, a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong, mme a ba kgalemela ka ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba ne ba sa dumele ba mmoneng ha a se a tsohile bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 16:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?


Yaba o qala ho nyatsa metse eo a neng a entse bongata ba diketso tsa hae tse hlollang ho yona, kahobane ha e a ka ya baka.


A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.


Ha ba mmona, ba mo kgumamela, empa ba bang ba belaela.


A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa,


Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa.


A re ho bona: “Jo, dithoto tse pelo di diehang ho dumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba di bolela!


Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”


Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”


Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”


Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona:


E ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa, hoba a tsohe bafung.


Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo.


O ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le metso e mmedi.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ