Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 15:34 - BIBELE

34 Yaba ka hora ya boraro Jesu o meketsa ka lentswe le phahameng, o re: “Eloi, Eloi, lema sabakthani?” e leng ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ka hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eloi, Eloi, lamma sabakthani? Ha ho fetolwa, ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Eitse ka hora ya boroba mono o le mong Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: Eloi, Eloi, lama sabakthani? ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Eitse ka hora ya boroba mono o le mong Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: Eloi, Eloi, lama sabakthani? ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 15:34
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.


O se mpatele fahleho sa hao; o se halefele mohlanka wa hao, wa mo leleka. Ke wena mothusi wa ka, o se ke wa ntebela; o se ke wa ntahla Modimo, mopholosi wa ka.


Motsheare Morena o tla ntshitsa, a ntshitse ka mohau wa hae; bosiu ke tla mminela, ke rapele Modimo ya mphedisang.


ba re: “Modimo o mo furaletse, mo lelekiseng, le mo tshware, hobane ha ho ya tla mo namolela.”


“Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla.


“Lona bohle, bo-mofeta-ka-tsela, na hoo ha ho re letho ho lona? Qamakang kahohle le ke le bone: Na matshwenyeho a tshwanang le a ka a teng, matshwenyeho ao ke otlilweng ka wona, ao Morena a a theoletseng hodima ka, mohla tsatsi la kgalefo e tlokomang ya hae?


Ke ka baka lang o re lebalang kamehla? Ke ka baka lang o re furallang halelele?


Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.


Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.


Yare ha e batla e eba hora ya boraro, Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Eli, Eli, lema sabakthani?” ke ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”


E ne e ka ba hora ya borobong, hoseng, ha ba mo thakgisa.


Ba bang ba neng ba eme moo, ha ba mo utlwa, ba re: “Utlwang, o bitsa Elia!”


E ne e ka ba hora ya leshome le metso e mmedi motsheare, ha lefifi le aparela naha yohle ho fihlela ka hora ya boraro motsheare wa mantsiboya,


Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.


Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ