Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:62 - BIBELE

62 Jesu a re: “Ke yena; “mme le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla ka maru a lehodimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

62 Jesu a re: Ke yena; mme le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, a etla ka maru a lehodimo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

62 Jesu a re: Ke yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

62 Jesu a re: Ke yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:62
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.


Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”


Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Jesu a re: “Wena o rialo.”


“Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le marung, ka matla a maholo le ka tlotla.


Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Yena a mo araba, a re: “Wena o rialo.”


Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.


Empa ho tloha jwale, Mora Motho o tla dula ka letsohong le letona la Modimo ya matla wohle.”


Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” A mo araba, a re: “Wena o rialo.”


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong.


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ