Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:58 - BIBELE

58 “Re mo utlwile a re: ‘Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho!’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

58 Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, ke hahe e nngwe ka matsatsi a mararo, e sa etswang ka matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

58 Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, mme ka matsatsi a mararo ke tla haha e nngwe e sa etswang ka matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

58 Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, mme ka matsatsi a mararo ke tla haha e nngwe e sa etswang ka matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:58
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ntse o se shebile jwalo, lejwe le ile la kgephoha, empa le sa kgepholwe ke motho, la otla maoto a setshwantsho a entsweng ka tshepe le ka letsopa, la a thuakanya.


Jwalokaha o bone hore lejwe le ile la kgephoha thabeng, le sa kgepholwe ke motho, mme la thuakanya tshepe, le lethose, le letsopa, le silefera, le kgauta, Modimo e moholo le yena o tsebisa kgosi se tla etsahala mehleng e tlang. Toro ena ke nnete, le tlhaloso ya yona ke ya nnete.”


tsa re: “Motho enwa o itse: ‘Nka qhaqha Tempele ya Modimo, mme ka e tsosa ka matsatsi a mararo.’ ”


Yaba ba bang ba a ema, ba mo qosa ka bopaki ba leshano, ba re:


Empa esita le hona moo bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.


Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo,


Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”


“Feela Ya Hodimodimo ha a dule matlung a hahilweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a re:


Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.


Jwale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo wa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho yona e kgolo, mme e phethehile ho feta ya pele. Ha e a etswa ke motho, e leng ho re hase ya lefatshe lena.


Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ