Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:55 - BIBELE

55 Baprista ba baholo le lekgotla kaofela ba batla bopaki bo ka tswang Jesu, hore ba tle ba mmolaye, empa ha ba a ka ba bo fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Jwale, baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki bo ka qosang Jesu, ba tle ba mmolaye; empa ha ba ka ba bo fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

55 Mme baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ka Jesu, ba tle ba mmolaye; mme ha ba a ka ba fumana letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

55 Mme baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ka Jesu, ba tle ba mmolaye; mme ha ba a ka ba fumana letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:55
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Malebana le yena le bee banna ba babedi, ba kgopo, ba tle ba mo qose, ba re: ‘Wena, Nabote, o ile wa nyefola Modimo le kgosi!’ Jwale lona le mo hulanyetse kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe a be a shwe.”


Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.


Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.


Dipaki tse kgopo di eme lepaketla, di mpotsa taba tseo ke sa di tsebeng.


Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


Ba bangata ba ne ba mo qosa ka bopaki ba leshano, empa bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.


Jwale Moprista e Moholo a botsa Jesu ka tsa barutuwa ba hae le ka tsa thuto ya hae.


O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke se buileng ho bona; ke bona ba tsebang seo ke se buileng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ