Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:54 - BIBELE

54 Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla kahare ha Moprista e Moholo. A dula le balebedi mollong, a ikomosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Petrose yena a mo latela a le hole, a ba a kena lebaleng la moprista e moholo; a dula le bahlanka, a ikomosa mollong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

54 Petrose a mo latela a le hole, a ba a kena lebaleng la moprista e moholo; o ne a dutse le bahlanka, a ikomosa mollong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

54 Petrose a mo latela a le hole, a ba a kena lebaleng la moprista e moholo; o ne a dutse le bahlanka, a ikomosa mollong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:54
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha. Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?”


Ha a fihla teng a fumana lehaha, mme a robala ka ho lona. Yaba lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “O etsang moo, Elia?”


Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa,


Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso.


Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”


Yare ha Petrose a ntse a le katlase, lebaleng, le leng la makgabunyane a Moprista e Moholo la fihla.


Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Yare hoba ba mo tshware, ba mo isa ha Moprista e Moholo. Petrose a latela a le sebakana.


Bahlanka le balebedi ba ne ba besitse mollo wa mashala, ba eme, ba ikomosa, hobane ho ne ho bata. Petrose le yena a ema la bona, a ikomosa.


Simone Petrose o ne a eme a ntse a ikomosa. Yaba ba re ho yena: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba hae na?” Yena a latola, a re: “Ha ke yena.”


Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade. Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ