Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 14:49 - BIBELE

49 Ke nnile ka ba le lona ka matsatsi, ke ruta ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara. Empa eka kgona Mangolo a phethahale.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Ke ne ke ntse ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara; empa e le hore Mangolo a phethahale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

49 Ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara, empa e ka kgona Mangolo a phethehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

49 Ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara, empa e ka kgona Mangolo a phethehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 14:49
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:


Empa Mangolo a ka phethahala jwang a reng, eka kgona ho be jwalo?”


Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.


Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.


Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse.


Ba boela ba tla Jerusalema. Yare ha a ntse a tsamaya ka Tempeleng, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba tla ho yena,


Jesu ha a ntse a ruta ka Tempeleng, a botsa, a re: “Ditsebi tsa Molao di bolela jwang hore Kreste ke Mora wa Davida?


Jesu a bua, a re ho bona: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le ka dikoto tjee?


O ne a ruta ka Tempeleng ka tsatsi le leng le le leng. Baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baetapele ba setjhaba ba ne ba batla ho mo timetsa,


Ke a le bolella hore se ngotsweng, se reng: ‘O baleletswe le baetsadibe’, eka kgona se phethahale ho nna, hobane se ngotsweng ka nna se tla phethahala.”


mme Jesu o ne a tsamaya ka Tempeleng mathuleng a Solomone.


Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung.


Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”


Kameso a boela a fihla ka Tempeleng. Setjhaba sohle sa tla ho yena, mme a dula, a se ruta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ