Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 13:27 - BIBELE

27 O tla roma mangeloi a hae, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lafatshe, ba etswa pheletsong ya lefatshe, ho isa pheletsong ya lehodimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ke moo a tla roma mangeloi a hae, le ho bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Ke moo a tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ke moo a tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho tloha pheletsong ya lefatshe ho isa pheletsong ya lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 13:27
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo, tsa Juda tsona e be majalefa, majalefa a thaba tsa ka; thaba tseo e tla ba lefa la bakgethwa ba ka, mme bahlanka ba ka ba tla aha ho tsona.


“Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena.


Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.”


Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng,


Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”


Hojane Morena ha a tlo kgutsufatsa nako eo, ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa o kgutsufaditse nako eo ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng.


Bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso, hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


“Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi.


“Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa.


Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.


e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng.


Ke mang ya tla qosa bakgethwa ba Modimo, athe Modimo o a ba lokafatsa?


Leha eba ba bang ba lona ba ka lelekelwa dibakeng tse holehole tsa lefatshe, Morena Modimo wa lona, o tla ba phutha hona moo, mme a ba late hona teng.


Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.


Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso:


Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.


ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ