Mareka 13:19 - BIBELE19 hobane matsatsing ao ho tla ba le ditlokotsi tseo ho esong ho be teng tse jwalo, ho tloha tshimolohong ya dintho tseo Modimo a di bopileng ho fihlela jwale, mme ha di sa tla ba teng hape. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)19 Hobane mehla eo e tla ba ya mahlomola ao ho esong ho ka ho bonwa a makalo haesa le tshimolohong ya hlolo, ha Modimo o ne o hlola dintho, ho fihlela jwale, mme ho ke ke ha eba teng a jwalo le ka mohla o le mong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT19 Hobane mehleng eo ho tla ba le mahlomola, a esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya tlholeho eo Modimo o e entseng ho fihlela jwale, mme a ke ke a ba teng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202419 Hobane mehleng eo ho tla ba le mahlomola, a esong ho be teng ho tloha tshimolohong ya tlholeho eo Modimo o e entseng ho fihlela jwale, mme a ke ke a ba teng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola?
Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.
“Botsisisang tsa matsatsi a kgale, a bileng teng le eso be teng, ho tloha mohla letsatsi leo Modimo a neng a bope motho ka lona lefatsheng; le botse ho tloha pheletsong e nngwe ya lehodimo ho isa pheletsong e nngwe ya lehodimo: Na ntho e kgolo, e kang ee, e kile ya eba teng? Kapa na e kang yona e kile ya utluwa?