Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 12:36 - BIBELE

36 Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Athe yena Davida o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 Hobane Davida ka sebele o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee dira tsa hao bonamelo ba maoto a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Hobane Davida ka sebele o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee dira tsa hao bonamelo ba maoto a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 12:36
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Moya wa Morena o buile ka ho nna, lentswe la hae la ba lelemeng la ka.


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


leha e le ka lefatshe, kahobane ke bonamelo ba maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, kahobane ke motse wa Kgosi e kgolo;


“Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu.


Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,


hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae.


Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona,


Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”


Ka hona Modimo o boetse o kgethile letsatsi le leng, leo a reng ke: “Kajeno”. Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, mme a bua ka molomo wa Davida, o sebedisa mantswe a seng a boletswe, o re: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona.”


Ba ile ba fuputsa hore na Moya wa Kreste, o neng o le ka ho bona, o supa nako efe, e jwang, ha o paka e sa le pele tsa ho hlokofatswa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.


hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ