Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 12:26 - BIBELE

26 Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Haele hore bafu ba tla tsoha, hleka ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena kateng, sehlahleng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Haele bafu, hore ba tla tsoha, na ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena sehlahleng kateng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Haele bafu, hore ba tla tsoha, na ha le a ka la bala bukeng ya Moshe, kamoo Modimo o buileng le yena sehlahleng kateng, wa re: Ke nna Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 12:26
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


Hoja Modimo wa ntate, Modimo wa Aborahama, ya tshajwang ke Isaka, ha a a ka a ba lehlakoreng la ka, ruri jwale o ka be o ntokolotse ke itlhophere! Modimo o ile a bona matshwenyeho a ka, le mosebetsi wa diatla tsa ka, mme a o kgalemela bosiung bo fetileng.”


Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: ‘Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo’,


A haha aletare teng, a e bitsa Modimo, Modimo wa Iseraele.


“Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta.


Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha.


Ha batho ba tsoha bafung, ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi mahodimong.


Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: ‘Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.’


Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”


Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ