Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 12:17 - BIBELE

17 Yaba Jesu o re ho bona: “Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo,” mme ba mo tsota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Jesu o ba araba, a re: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Jesu a araba, a re ho bona: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Jesu a araba, a re ho bona: Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, mme le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo. Mme ba mo tsota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 12:17
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,


Mora wa ka, tshaba Morena le kgosi, o se ke wa ikopanya le mahlabaphiyo,


“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’


Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.”


Ha ba utlwa hona ba hlollwa, ba tloha ho yena, ba ikela.


Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.


Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape.


Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.


Ba e tlisa. A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?” Ba re ho yena: “Ke tsa Sesare.”


mme o rate Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle, le ka matla a hao wohle.’


A re ho bona: “Jwale he, neang Sesare seng sa Sesare le Modimo seng sa Modimo.”


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.


Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.


Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ