Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 12:14 - BIBELE

14 Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bao ba tla, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hoba o wa nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa tsela ya Modimo o e ruta ka nnete. Hleka ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa ha ho jwalo na? Re ntshe, kapa re se ntshe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Eitse hobane ba fihle, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, mme ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete; ho Cesare, kapa che?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Eitse hobane ba fihle, ba re ho yena: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, mme ha o re letho ka motho; hobane ha o tadime tshobotsi ya batho, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete; ho Cesare, kapa che?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 12:14
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”


Menono e mengata ya naha eo e jewa ke dikgosi tseo o di beileng hodima rona, wa di bea ka baka la dibe tsa rona; di re busa, le makgomo a rona di iketsetsa borata, mme rona re phela kahara tlokotsi tse kgolo!”


Morena, ako nnamolele molomong wa ya leshano, le lelemeng la ya thetsang.


Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.


hobane ha le ne le nthoma ho Morena Modimo wa lona, le ne le etsa boikaketsi bo tla le timetsa, ha le re: ‘Re rapelle ho Morena Modimo wa hao; o re bolelle tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tla di bua, mme re tla di etsa.’


Empa nna ruri ke na le matla, Moya wa Morena o ka hare ho nna; o nthutile toka, wa mpha le sebete ho bolella Jakobo ditlolo tsa hae, le ho bolella Iseraele sebe sa hae.


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


Re bolelle he: O reng? Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe?”


Yaba ba romela ba bang ba Bafarisi le balatedi ba Heroda ho Jesu, hore ba tle ba mo tshwase ka dipuo tsa hae.


Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.”


Hanghang ha a fihla, a toba Jesu, a re: “Moruti!” Yaba o a mo aka.


Na ho a dumelleha hore re ntshetse Sesare lekgetho kapa tjhe?”


La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”


Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.


Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko.


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


hobane haeba ke le swabisa, ke mang ya tla nthabisa, ntle ho lona bao ke ba swabisitseng?


Ka baka leo, erekaha re neilwe tshebeletso ena ka mohau, ha re tepelle.


Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.


Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.


empa re bua jwalokaha Modimo a rata, yena ya re amohetseng, a re nea molaetsa o molemo. Ha re lakatse ho kgahlisa batho, re lakatsa ho kgahlisa Modimo ya hlahlobang dipelo tsa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ