Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 10:33 - BIBELE

33 a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba mo neele baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 ba re: Bonang, re nyolohela Jerusalema; mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi; mme ba tla mo ahlolela lefu, mme ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 ba re: Bonang, re nyolohela Jerusalema; mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi; mme ba tla mo ahlolela lefu, mme ba tla nehelana ka yena ho baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 10:33
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


Le reng?” Ba mo araba, ba re: “O tshwanelwa ke lefu.”


Ha ba se ba mo tlamile, ba mo kganna, ba ya mo neela mmusisi Pilato.


Le ikutlwetse nyefolo! Le bona jwang?” Bohle ba mo ahlola ka ho re o tshwanelwa ke lefu.


E sa le kameso, hoba baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le Ditsebi tsa Molao, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba mo kganna, ba mo neela Pilato.


Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.


A re ho bona: “Ehlile Elia o tla tla pele ho busetsa dintho tsohle madulong; athe ho ngotswe jwang ka Mora Motho hore o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, le ho nyediswa?


hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a ba bolella, a re: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; ha a se a bolailwe, o tla tsoha bafung kamora matsatsi a mararo.”


Empa ba howa, ba re: “Mo thakgise, mo thakgise!”


a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.”


Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.


E ne e le hore ho phethahale boporofeta boo Jesu a bo boletseng ha a supa mofuta wa lefu leo a tla le shwa.


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.


“Jwale bonang, ke ya Jerusalema ke susumetswa ke Moya, ke sa tsebe tse tla ntlhahela teng,


Le ahlotse ya lokileng, le mmolaile, mme ha a a ka a itwanela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ