Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 10:21 - BIBELE

21 Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Jesu a mo tadima, a mo rata, a re ho yena: O haellwa ke ntho e le nngwe: eya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; ’na.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Jesu a mo tadima, a mo rata, a re ho yena: O haellwa ke ntho e le nngwe: eya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; ’na.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 10:21
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”


Mohlankana a kgathala matla ke polelo eo, a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.


A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.


empa ho hlokeha ntho e le nngwe: Maria o ikgethetse se molemo, seo a ke keng a se amohuwa.”


Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,


“Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.


Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


Jwale a re ho bohle: “Haeba motho a rata ho ntshala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele.


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Ba rekisa maruo a bona le dintho tseo ba neng ba ena le tsona, ba arolelana bohle kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.


Ke tla thabela ho sebedisa tsa ka le ho sebediswa ka baka la lona. Na ha ke le rata haholo, le tla nthata hanyenyane?


Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.


Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.


Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela,


“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore ha o sa nthata jwaloka pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ