Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 10:17 - BIBELE

17 Ha Jesu a tshwela tseleng, monna e mong a mathela ho yena, a kgumama kapele ho yena, a mmotsa, a re: “Moruti ya molemo, nka etsang hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ha a tswela tseleng, e mong a mo mathela, a kgumama ka mangwele pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsang ke tle ke rue lefa la bophelo bo sa feleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Yare ha a tswela tseleng, e mong a matha, a kgumama pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Yare ha a tswela tseleng, e mong a matha, a kgumama pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 10:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.


Hoba ba fihle hara letshwele, monna e mong a tla ho Jesu, a kgumama kapele ho yena,


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Ba tloha kapele lebitleng, ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha ho ya tsebisa barutuwa ba hae.


Molepera a tla ho yena, a kgumama, a mo rapela, a re ho yena: “Ha o rata, o ka ntlhwekisa.”


Jesu a re ho yena: “O mpitsetsang ya molemo? Ha ho ya molemo haese Modimo feela.


Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”


Ha Jesu a bona hore letshwele le mathela ho yena, a kgalemela moya o ditshila ka matla, a re ho wona: “Moya o semumu, o tsebetutu, ke a o laela, tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena hape!”


Jwale ha ema Setsebi se seng sa Molao, mme ka ho leka Jesu, sa re: “Moruti, eka kgona ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?”


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”


Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,


Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”


A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?”


Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”


“Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng.


empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.”


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.


Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,


e le hore, ha re se re lokafaditswe ka mohau wa hae, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, boo re bo tshepileng.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


le lefa le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona. Ke lona lefa leo le le boloketsweng lehodimong.


Seo a re tshepisitseng sona ke sena: Bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ