Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Malakia 3:15 - BIBELE

15 Rona re re ya ikgohomosang ke yena ya lehlohonolo; ba etsang bokgopo ke bona ba atlehang. Ba ile ba phephetsa Modimo, empa ba se ke ba hlahelwa ke letho.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Malakia 3:15
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo Hamane a itshwara, a ba a ya fihla ha hae, a bitsa metswalle ya hae, le Sereshe mosadi wa hae.


Ho tsena tsohle tse etsahetseng, Jobo ha a a ka a etsa sebe, kapa a re Modimo o sebeditse ka mokgwa o sa mo tshwaneleng.


Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.


‘Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?’


Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao.


Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.


Ba mpa ba laolwa ke ditakatso tsa bona lefeelleng, ba leka Modimo ba le lehwatateng.


pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.


hobane mohla a shwang a ke ke a nka letho, matlotlo a hae a ke ke a mo sala morao.


Lona babusi, na ruri le ahlola ka ho loka? Na le ahlola batho ka toka?


Ba kgopo ba jwalo; kamehla ba qhwaolla dikobo, ba ikatisetsa maruo.


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo.


Pelong tsa bona ba leka Modimo, ba batla dijo tseo ba di lakatsang.


Ba nna ba leka Modimo kgafetsa, ba utlwisa Ya Halalelang bohloko, Ya Halalelang wa Iseraele!


Empa ba leka Modimo Ya Hodimodimo, ba mo leka ka ho mo fetohela, ba se ke ba mamela ditemoso tsa hae;


moo bo-ntata lona ba ileng ba nteka teng, ba nnonya leha ba ne ba bone diketso tsa ka.


Ya kgopo o labalabela qhoqha ya mahahapa, empa ya lokileng yena o a atleha.


Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela.


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle?


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?”


Morena wa mabotho o re: “Ruri letsatsi leo le a tla; le tla tjhesa jwaloka sebopi sa mollo. Bohle ba ikakasang le ba etsang bokgopo ba tla ba jwaloka mmoko. Letsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa ka mollo. Ha le ka ke la ba siela motso kapa lekala.


Ka letsatsi le kgethilweng, Heroda a apara seaparo sa hae sa bokgosi, a dula setulong sa hae, a bua le batho.


Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.”


Re se ke ra leka Morena, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha.


moo bo-ntata lona ba ileng ba nteka teng, ba nnonya, leha ba ne ba bone diketso tsa ka


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ