Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Malakia 2:17 - BIBELE

17 Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le kgathatsa Jehova ka mantswe a lona, mme le re: Re mo kgathatsa kang? ... Ke ha le re: E mong le e mong ya etsang hampe o molemo mahlong a Jehova, mme ke bona bao a kgahlwang ke bona! kapa ha le re: O kae Modimo wa kahlolo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Malakia 2:17
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ya hloileng toka, ho busa a ka ho tseba? Kapa o ahlola Ya Matla, Ya Lokileng?


Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile, hobane o araba sa batho ba kgopo.


Kahlolo ya ba kgopo e o wetse hodimo, kahlolo le toka di se di o maname.


Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?


Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.


Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara.


Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?”


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


“Empa ha o a ipiletsa ho nna, wena Jakobo, ha o a ikgathatsa ka nna, wena Iseraele.


Ha o a nthekela hlaka le monko o monate, kapa wa nthabisa ka mafura a mahlabelo a hao. Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao, wa ntena ka makgopo a hao.


Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Ke furaletswe ke wena, wa nna tjhetjha ka santhao,” ho rialo Morena. “Ke tla o tshwara ka letsoho la ka ke o timetse, ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.


Ba ntse ba re ho nna: “Di kae dipolelo tsela tsa Morena? ha a ke a di phethahatse jwale!”


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


“ ‘Erekaha o sa ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, wa nna wa nkgalefisa ka ho etsa dintho tsena, bona mona he, le nna ke tla iphetetsa ka baka la tsena tseo o di entseng, ho rialo Morena Modimo. Na ha wa ka wa eketsa bootswa hodima manyala wohle ao o a entseng?’ ”


“Feela lona le re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka.’ Utlwang, lona ba ntlo ya Iseraele: Na tsela ya ka ha e a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang?


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bone seo e mong le e mong wa baholo ba ntlo ya Iseraele a se etsang mafifing, ka kamoreng ya modingwana wa hae? “Ba re: ‘Morena ha a re bone! Morena o furaletse lefatshe!’ ”


Jwale Morena a re ho nna: “Bokgopo ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda bo boholo haholo. Naha e tletse dipolao, toka ha e yo motseng ona. Ba re: ‘Morena o furaletse naha ena; Morena ha a bone.’


“Bonang, ke tla le ripitla, ke le pidile sa koloi e qeqeketse haholo.


Ka nako eo Jerusalema ke tla e lekola, ke e lekole ke e kgantshitse ka mabone; ke otle bohle ba dutseng ba iketlile, ba kang maritsa a veine a qitile, ba duletseng ho bua ka pelo, ba re: ‘Morena a ke ke be a etsa letho, a ke ke be a etsa botle leha e le bobe.’


Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao.


“Na motho a ka qhekanyetsa Modimo? Empa lona le a nqhekanyetsa. “Le boetse le re: ‘Re o qhekanyeditse jwang?’ “Le nqhekanyeditse ha ho fanwa ka karolo e le nngwe ho tse leshome, le ka dinyehelo tsa lona.


“Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.


“Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ