Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 6:28 - BIBELE

28 hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hlohonolofatsang le ba le rohakang, mme le rapelle ba le tsohelang matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Hlohonolofatsang ba le rohakang, le rapelle ba le hlorisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Hlohonolofatsang ba le rohakang, le rapelle ba le hlorisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 6:28
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.


Morena Modimo o bua tjena: “Kaha Bafilesita ba ipheteditse ka dipelo tse lonya, mme ka baka la bora ba bona ba kgale ba ne ba rata ho timetsa Juda,


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ka baka la poulelo ya ka e kgolo, ke buile ke halefetse ditjhaba tse ding le Edomo yohle, hobane ka monyaka le ka ho tella ho hoholo ba ikgapetse naha ya ka, e le hore ba tle ba inkele makgulo a yona.’


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,


Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.


“Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle,


Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.


Hara baditjhaba le Bajuda, hammoho le babusi ba bona, ha eba le morero wa ho ba etsa hampe le ho ba tlepetsa ka majwe.


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.


Re sebetsa ka thata ka matsoho a rona. Ha ba re hlapaola, re a ba hlohonolofatsa; ha ba re hlorisa, re a mamella;


Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ