Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 4:15 - BIBELE

15 A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O ne a ruta masinagogeng a bona, a ntse a roriswa ke bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 A ruta disinagogeng tsa bona, a roriswa ke bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 A ruta disinagogeng tsa bona, a roriswa ke bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 4:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri le tla bitsa tjhaba tseo le sa di tsebeng, tjhaba tse sa le tsebeng di tla mathela ho lona ka baka la Morena Modimo wa lona, yena Ya Halalelang wa Iseraele, hobane o le tlotlisitse.


a fihla motseng wa habo, mme a rutela batho tlung ya bona ya thapelo, hoo ba ileng ba hlollwa, mme ba re: “Bohlale boo le diketso tsee tse hlollang, eo o di nka kae?


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.


Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle.


Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.


Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”


A potoloha le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a leleka bademona.


Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.


Jesu o ne a ruta ka ho e nngwe ya matlo a thapelo ka Sabatha.


A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ