Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 23:56 - BIBELE

56 Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

56 Yaba ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ba phomola ka tsatsi la Sabatha ho ya ka taelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

56 Yaba ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ba phomola ka tsatsi la Sabatha ho ya ka taelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 23:56
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla.


“ ‘Jwale le tla hlompha letsatsi la Sabatha, hobane le a halalela ho lona; ba le hlomphollang, ruri ba tla bolawa. Bohle ba etsang mesebetsi ka letsatsi leo, ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona.


Ha Sabatha se fetile, Maria wa Magadala, le Maria mma Jakobo, le Salome ba reka dinoko ho ya tlotsa setopo sa Jesu.


Ka letsatsi le qalang beke ba ya lebitleng e sa le kameso, ba nkile ditlolo tseo ba di lokisitseng.


empa letsatsi la bosupa ke la phomolo ya Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa pholo ya hao, kapa tonki ya hao, kapa diphoofolo tsa hao tsohle, kapa majaki ya ha hao, e le hore wena, le mohlanka wa hao, le lekgabunyane la hao, lona le tle le phomole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ