Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 23:27 - BIBELE

27 Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Jesu a latelwa ke bongata bo boholo ba batho, le ke basadi ba itetang difuba, ba mo llelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Mme bongata bo boholo ba batho ba mo latela, le basadi ba neng ba ntse ba lla, ba mo llela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Mme bongata bo boholo ba batho ba mo latela, le basadi ba neng ba ntse ba lla, ba mo llela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 23:27
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dintja tse ngata di ntikile, sehlopha sa dinokwane se ntikanetse, tsena di ntlepotse maoto le matsoho.


ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko! Re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla!’


Jwale basadi ba bangata, ba neng ba ile ba latela Jesu ho tloha Galelea, ba ntse ba mo sebeletsa, ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana;


Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana; hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo e monyenyane, le Joseta, le Salome,


Jesu a retelehela ho bona, a re: “Baradi ba Jerusalema, se nteleleng; iteleleng, le llele le bana ba lona,


Basadi ba neng ba tlile le Jesu ba etswa Galelea, ba latela Josefa, ba bona lebitla le kamoo setopo sa hae se beilweng kateng.


le basadi ba bang ba neng ba fodisitswe meya e mebe le malwetse: Maria ya bitswang wa Magadala, eo bademona ba supileng ba tswileng ho yena,


Bohle ba ne ba lla, ba hlomohetse mofu. Jesu a re: “Se lleng, hobane ha a ya shwa, o mpa a robetse.”


Kannetenete ke a le bolella: Le tla lla, mme le tla hlomoha, athe lefatshe le tla thaba; le tla swaba, empa maswabi a lona a tla fetoha thabo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ