Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 23:25 - BIBELE

25 A lokolla eo ba neng ba mo kopa, ya neng a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere le polao, a ba neela Jesu ho etsa borata ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 A ba lokollela ya qetsweng ke bona, ya neng a kenntswe teronkong ka baka la moferefere le la polao; mme a ba neela Jesu hore a etswe kamoo ba ratang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 A ba lokollela eo ba neng ba mo kopa ka baka la moferefere le polao; empa a nehelana ka Jesu ho etsa thato ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 A ba lokollela eo ba neng ba mo kopa ka baka la moferefere le polao; empa a nehelana ka Jesu ho etsa thato ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 23:25
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya re ho Hamane: “Ke o nea tjhelete eo, ke o nea le setjhaba seo, hore o iketsetse borata ka sona.”


Jwale a ba lokollela Barabase; hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe.


Pilato, ka ho lakatsa ho kgotsofatsa letshwele, a ba lokollela Barabase, mme hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe.


La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”


Pilato a ahlola ka hore kopo ya bona e phethwe.


Ha ba ntse ba qhoba Jesu, ba tshwara motho e mong wa Sirene, ya bitswang Simone, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, a latela Jesu.


Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.”


Ba howa hape, ba re: “E seng enwa, e mpe e be Barabase!” Barabase e ne e le senokwane.


Ya eba moo a ba neelang yena hore a thakgiswe. Yaba ba nka Jesu.


Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai.


Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ