Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 21:7 - BIBELE

7 Ba mmotsa, ba re: “Moruti, dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ha tseo di se di tla etsahala?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba ba mmotsa, ba re: Moruti, na tseo di tla etsahala neng, mme pontsho e tla ba efe ya hoba tseo di se di tla hlaha?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Ba mmotsa, ba re: Moruti, taba tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ha tseo di tla etsahala?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ba mmotsa, ba re: Moruti, taba tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ha tseo di tla etsahala?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 21:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong wa bona a botsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya neng a emeletse hodingwana ho noka, a re: “Dintho tsee tse makatsang di tla etsahala neng?”


Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?”


Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”


“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme moo a sa lokelang, mmadi a utlwisise se bolelwang! Mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng;


“Ruri ke a le bolella hore moloko ona ha o ka ke wa fela tsena tsohle di eso etsahale.


“Ha e le tseo le di bonang, ho tla tla matsatsi ao ka wona ho ke keng ha siuwa lejwe hodima lejwe le leng le sa heletswa.”


A re: “Hlokomelang hore le se ke la tshoha le kgeloswa, hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna,’ ba be ba re: ‘Nako e atametse.’ Le se ke la ba sala morao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ