31 Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala,
31 A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.
31 Yaba o nka ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngodilweng ke baporofeta malebana le Mora motho di tla phethahala.
31 Yaba o nka ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngodilweng ke baporofeta malebana le Mora motho di tla phethahala.
Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.
“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.
Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.
Jesu a araba, a re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a eya Jeriko, mme a wela hara dinokwane tse ileng tsa mo hlobodisa, tsa mo kgakgatha, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa.
a re: “Eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, a nto tsoha bafung ka letsatsi la boraro.”