Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 13:33 - BIBELE

33 Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane le kamoso, hobane ho ke ke ha etsahala hore moporofeta a bolaelwe kantle ho Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Empa e ka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane, le kamoso; hobane ha ho lokele hore moporofeta a bolawe kantle ho Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, hosasane, le hosasane, hobane ha ho ka ke ha eba moporofeta a timela kantle ho Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Leha ho le jwalo, eka kgona ke tsamaye kajeno, hosasane, le hosasane, hobane ha ho ka ke ha eba moporofeta a timela kantle ho Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 13:33
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa matsohong a baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tla mo ahlolela lefu,


Matshwele a re: “Enwa ke moporofeta Jesu, ya tswang Nasaretha e Galelea.”


Empa ba se ke ba mo amohela, hobane a ne a lebile Jerusalema.


Ka baka leo, Jesu ha a a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda, empa a tloha moo, a ya naheng e haufi le lefeella, motseng o bitswang Efraime, mme a hlola teng le barutuwa.


Jesu a araba, a re: “Na hora tsa letsatsi ha di leshome le metso e mmedi na? Ha motho a tsamaya motsheare, ha a kgoptjwe, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena,


Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng.


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang.


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ