Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 12:28 - BIBELE

28 Jwale ha Modimo a apesa jwalo jwang bo naheng, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na a ke ke a le apesa ho feta? Tumelo ya lona e fokola hakaakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Mme jwale, erekaha Modimo o apesa jwalo jwang ba naheng, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa lona batho ba tumelo e nyenyane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Haeba Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping; a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Haeba Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping; a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 12:28
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lentswe le ile la re: “Howa!” Yaba nna ke re: “Ke tla howa ke reng?” Ere: “Batho bohle ba jwaloka jwang, tlotla ya bona e ka ya palesa tsa naha.


Hanghang Jesu a nanabetsa letsoho, a mo phamola, a re ho yena: “Wena ya tumelo e fokolang! O belaetse ka lebaka lang?”


Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: ‘Ke hobane ha re a tla le bohobe?’


Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”


A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.


Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?


A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!


Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?” Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”


Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo.


hobane: “Batho bohle ba jwaloka jwang, le tlotla yohle ya bona e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo a pona, palesa ya bona e foforehe,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ