Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Luka 1:69 - BIBELE

69 O re hlahiseditse Mopholosi ya matla tlung ya Davida, mohlanka wa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

69 O re tsoseditse lenaka la poloko tlung ya Davida, mohlanka wa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

69 O re hlahiseditse lenaka la poloko ka tlung ya mohlanka wa hae Davida;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

69 O re hlahiseditse lenaka la poloko ka tlung ya mohlanka wa hae Davida;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Luka 1:69
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo ke lefika la ka, leo ke tshabelang ho lona, ke thebe ya ka, ke lenaka la ka le mpholosang, ke seqhobo sa ka, ke setshabelo sa ka; ke Mopholosi wa ka, o mpholosa kgatellong.


Lebitso la hao le ke le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: ‘Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele!’ Ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e tla tiya kamehla yohle.


Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.”


se thabelang lebitso la hao kamehla, se phahamiswang ka baka la ho loka ha hao.


hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong.


Se tla sebeletsa Morena, Modimo wa sona, se sebeletse Davida, kgosi ya sona, yena eo ke tla mmea ho ba kgosi ya sona.


“Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”


“Mohlang oo ke tla tsosa ntlo ya Davida, ntlo e seng e wele. Dikgeo tsa marako a yona ke tla di thiba, dithako tsa yona le tsona ke di tsose, ke e hahe, e ntjhafale sa mohla monene;


Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama.


Ho bokwe mmuso o tlang wa ntata rona Davida! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


“Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.”


Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao.


Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ