Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 8:31 - BIBELE

31 Moshe a re ho Arone le ho bara ba hae: “Phehelang nama ena monyakong wa Tente ya Morena, mme le e jele moo, le bohobe bo ka serotong sa dinyehelo tsa kgalaletso, jwalokaha Morena a laetse, a re: ‘Arone le bara ba hae ba tla di ja.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Moshe a re ho Aarone le ho bara ba hae: Apehang dinama monyako wa tente ya pokano, le di je hona teng, le bona bohobe bo serotong sa peo, kamoo ke laetseng kateng, ka re: Aarone le bara ba hae ba tla di ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 8:31
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.


Pitsa ya letsopa, e neng e phehile nama, eka kgona e pshatlwe, empa haeba e phehilwe ka pitsa ya tshepe, yona eka kgona e falwe, e hlatsuwe ka metsi.


Nama ya phoofolo ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho e tla jewa hona mohla letsatsi leo la nyehelo; ho se ke ha ba e sielwang letsatsi la hosasane.


hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.”


Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ