Jwale bara ba Arone ba tla di tjhesetsa hodima aletare, e leng hodima patsi e tukang. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.
“ ‘Moprista o tla nka sephaka sa pheleu, se phehilweng; le leqebekwane le le leng le sa lomoswang, le ka serotong; le moqathane o le mong o sa lomoswang, mme tsena a di bee matsohong a mokgethwa, ha a qetile ho beola hlooho ya hae e halaleditsweng.