Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 7:24 - BIBELE

24 Mafura a phoofolo e itjhwellang feela, le mafura a phoofolo e harotsweng ke dibatana, wona a ka sebediswa mererong efe kapa efe, empa le se ke la ba la a ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 7:24
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.


“Le tla ba batho ba halalelang ho nna. Le se ke la ja nama ya phoofolo eo le fumanang e harotswe naheng, le mpe le e akgelle dintja.”


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


Baprista ba se ke ba eja letho le itjhweletseng ka bolona, kapa le harotsweng ke dibatana, ebang ke nonyana kapa phoofolo.’ ”


“ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile.


A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena.


Mang le mang ya jang mafura a phoofolo eo motho a e nyehellang Morena e le setjheso, le yena motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


“Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ