Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 6:26 - BIBELE

26 Moprista ya etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, o tla ja nama ya phoofolo eo. O tla e jella sebakeng se halalelang, ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 6:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hloma seotlwana ho potapota Leaho le aletare, a lepeletsa lesira la seotlwana. Yaba Moshe o phetha mosebetsi.


Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang.


Yaba o re ho nna: “Sebaka sena ke seo ho sona baprista ba tla phehela nyehelo ya tefelo ya sebe, le nyehelo e tlosang molato. Ke moo ba tla phehela le nyehelo ya dijo teng, e le hore ba se ke ba di ntshetsa lebaleng le kantle, esere ba halaletsa setjhaba.”


Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka, ba thabela ha se etsa bokgopo.


Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.


Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato.


E mong le e mong e motona wa baprista o tla ja sehlabelo sena; se halalela ka ho fetisisa.


“ ‘Molao wa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, le wa nyehelo ya tefelo ya sebe o mong feela. Sehlabelo seo moprista a etsang tefelo ya sebe ka sona ke sa hae.


Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ