Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 6:22 - BIBELE

22 Mora wa Arone ya tla tlotswa hore e be moprista bakeng sa ntatae, le yena o tla nyehela jwalo. Nyehelo ena e tla tjhesetswa Morena kaofela. Ona ke molao wa mehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ho bara ba Aarone, eo ya tlang ho tlotsuwa ho nka sebaka sa hae le yena, o tla etsa nyehelo eo. Ke taelo ya kamehla ya Jehova, e tla tjheswa kaofela ha yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 6:22
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka, ba thabela ha se etsa bokgopo.


“ ‘E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete.’ ”


E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare.


Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.


E dujwe hantle ka ole, e phehwe ka pane, ebe e a tliswa. Ha e se e rathetswe, e tliswe e le nyehelo ya dijo, e monko o monate ho Morena.


Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo, ya moprista, e tla tjheswa kaofela, mme e ke ke ya jewa.”


Dikahare le ditlhakwana a di hlatswa ka metsi, mme a tjhesetsa pheleu yohle hodima aletare. E ne e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Bana ba Iseraele ba tsamaya, ba tloha Beerote-Bene-Jakane, ba leba Mosera, moo Arone a ileng a shwela teng, a ba a epelwa hona teng. Mora wa hae Eleasare ya eba moprista sebakeng sa ntatae.


Hape ba bang ba bangata e nnile ya eba baprista, hobane ba ne ba eshwa, mme ba sitwa ho tswela pele bopristeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ