Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 6:20 - BIBELE

20 “Ena ke nyehelo ya Arone le bara ba hae, eo ba tla nyehella Morena ka yona mohla Arone a tlotswang. E tla ba phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo ya mehla yohle. Hoseng e be halofo ya yona, mantsiboya e be halofo ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Nyehelo ya Aarone le bara ba hae eo ba tlang ho e hlahisetsa Jehova ka letsatsi leo ba tla tlotswa ka lona, ke yona ena: Karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo e be nyehelo ya bona ya kamehla, eo halofo ya yona e tla hlahiswa hosasa, mme halofo e nngwe mantsiboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 6:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ne ba hlokomela le bohobe bo halalelang, ba hlokomela le phofo e thumisehileng ya nyehelo ya dijo, le dikuku tse sa lomoswang, le tsohle tsa dipane, le tse neng di hadikwa, le tsohle tse neng di sebediswa ha ho lekanngwa bongata kapa boholo ba ntho.


Dilethara tse pedi e ka ba karolo e le nngwe ya tse leshome tsa moritshwana oo ho neng ho lekannywa ka wona.


le bohobe bo sa lomoswang, le dikuku tse sa lomoswang, tse dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; tsena o di etse ka phofo ya koro e thumisehileng.


Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe.


“ ‘Ha motho a bitswa ka molao ho tla fana ka bopaki, mme a hana ho bolela seo a se boneng kapa seo a se tsebang, o molato.


“ ‘Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe.


Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.


Ena ke nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”


“O re ho bona: ‘Ena ke nyehelo ya setjheso, eo le tla nyehella Morena ka yona: dikonyana tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, di be pedi ka letsatsi le leng le le leng, e be nyehelo ya kamehla ya setjheso.


“Eleasare, mora wa moprista Arone, yena o tla hlokomela ole ya lebone, le mokubetso o monko o monate, le nyehelo ya dijo, le ole e tlotsang; a hlokomele le Tente ya Morena, le tsohle tse ka ho yona. Hape a hlokomele le Sehalalelo, le thepa ya sona.”


Moprista e mong le e mong e Moholo o kgethilwe hara batho, o beetswe ho sebeletsa Modimo sebakeng sa bona, hore a tle a nyehele ka dimpho le ka mahlabelo ka baka la dibe.


O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ