Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 6:18 - BIBELE

18 E mong le e mong e motona wa bana ba Arone o tla se ja; ke taelo ya mehla yohle, melokong ya bona, bakeng sa mahlabelo a Morena a setjheso. Eng kapa eng e se amang e tla halalela.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ba batona bohle ho bara ba Aarone ba tla se ja. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona, bakeng sa dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Motho ya di amang o kgethehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 6:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.”


“ ‘E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete.’ ”


E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya konyana eo, mme a e hlabele moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng, e le nyehelo e tlosang sebe.


Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare.


Eng kapa eng e amang nama ya yona e tla halalela. Ha seaparo se ka qaphaletswa ke madi a yona, seaparo seo se qaphaleditsweng ke madi o se hlatswetse sebakeng se halalelang.


E mong le e mong e motona wa baprista o tla ja sehlabelo sena; se halalela ka ho fetisisa.


E mong le e mong e motona wa baprista a ka ja nyehelo eo; a e jelle sebakeng se halalelang, hobane e halalela ka ho fetisisa.


Le di jelle sebakeng se halalelang ka ho fetisisa. Motho e mong le e mong e motona a ka di ja. Ho wena di a halalela.


Morena a re ho Arone: “Bona, o tla hlokomela dinyehelo tsa ka; ke o neile dintho tsohle tse halalelang tsa bana ba Iseraele, e le seabo sa hao le sa bara ba hao. Hona ke taelo ya mehla yohle.


Na ha le tsebe hore ba sebetsang ka Tempeleng ba ja tseo e leng tsa Tempele, le hore ba nyehelang mahlabelo aletareng ba abelwa tsa mahlabelo ao?


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ