“Sena ke seo o tla se etsa ho Arone le ho bara ba hae, ha o ba halaletsa, hore e tle e be baprista ba ka. Nka pohwana e le nngwe, le dipheleu tse pedi, tse se nang sepha;
le bohobe bo sa lomoswang, le dikuku tse sa lomoswang, tse dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; tsena o di etse ka phofo ya koro e thumisehileng.
Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.
Kgosi ya bona e tla baleha ke ho tshaba, balaodi ba lahle mekgele ya bona ke ho tshoha,” ho rialo Morena eo mollo wa hae o leng Sione, eo sebopi sa hae se leng Jerusalema.
athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.”
Mollo o hodima aletare o tla nne o fepelwe, o se ke wa tima. Hoseng ho hong le ho hong moprista o tla eketsa patsi mollong, a lokise sehlabelo sa setjheso hodima aletare, mme a tjhese mafura a mahlabelo a teboho.
“Laela Arone le bara ba hae, o re: ‘Ona ke molao wa sehlabelo sa setjheso. Sehlabelo sa setjheso se tla siuwa hodima leifo la aletare bosiu bohle, ho fihlela letsatsi la hosasane. Mollo o hodima aletare o nne o fepelwe.
Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.