Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 5:17 - BIBELE

17 “Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ekare ha e mong a etsa sebe, a sa tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, o molato, mme o tla jara molato wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 5:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Di ruta mohlanka wa hao, ya di bolokang o fumana moputso o moholo.


“ ‘Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.


“ ‘Ha kgosana e etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena Modimo wa hae, e se ka morero, e molato.


“ ‘Ha e mong wa bafo, a etsa sebe e se ka morero, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, o molato.


“Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.


A tlisetse moprista pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae, e le nyehelo e tlosang sebe. Theko ya yona e be e lekanngwang ke wena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe seo a se entseng e se ka morero, mme motho eo o tla tshwarelwa.


Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.”


athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”


Empa ya belaelang ha a eja, o ahlotswe, hobane ha a je ho ya ka tumelo ya hae. Tsohle tseo motho a di etsang ntle ho tumelo e jwalo, ke sebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ