Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 4:35 - BIBELE

35 O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a konyana ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme a a tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tse etsetswang Morena. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme motho eo o tla tshwarelwa.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 4:35
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.’ ”


Ka ole yohle e setseng ka seatleng sa hae, o tla tlotsa hlooho ya motho eo ya hlwekiswang. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe ho Morena.


o tla tlohela nonyana e ntseng e phela hore e fofele naheng, kantle ho motse. Ha a se a etseditse ntlo ena nyehelo ya tefelo ya sebe, e tla ba e hlwekile.”


Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae.


Kapele ho Morena, ka pheleu ena, moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, ka baka la sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.


Pohwana ena o tla e etsa jwaloka pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa sebe; ka mokgwa o jwalo moprista a ba etsetse tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa.


Mafura wohle a yona o tla a tjhesetsa aletareng, jwalokaha a etsa ka mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla etsetsa kgosana tefelo ya sebe sa yona mme e tla tshwarelwa.’ ”


Leebanakgorwana la bobedi o tla nyehela ka lona, ho ya ka molao wa setjheso. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe seo a se entseng, mme motho eo o tla tshwarelwa.


Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo.’ ”


O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae.


Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena, mme o tla tshwarelwa tsohle tseo a di entseng ha a tla ba molato.”


Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng, o etse nyehelo ya hao e tlosang sebe, le nyehelo ya hao ya setjheso; o iketsetse tefelo ya sebe, o be o etsetse le setjhaba. O tlise nyehelo ya setjhaba, mme o se etsetse tefelo ya sebe, jwalokaha Morena a laetse.”


Moprista o tla etsetsa setjhaba sohle sa bana ba Iseraele tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa, hobane ba entse phoso, mme ba tlisitse nyehelo ya mollo ho Morena, le nyehelo e tlosang sebe, ka baka la phoso ya bona.


Moprista o tla etsetsa motho eo ya entseng sebe e se ka morero tefelo ya sebe kapele ho Morena; o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla tshwarelwa.


hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.


ya ileng a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe.


Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile.


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Ha a a ka a etsa sebe, le thetso ha e a ka ya tswa molomong wa hae.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ