Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 4:27 - BIBELE

27 “ ‘Ha e mong wa bafo, a etsa sebe e se ka morero, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, o molato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ha ekaba ke motho feela wa setjhaba ya entseng sebe ka ho se tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa, o entse molato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 4:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.


Molao o tla ba mong ho letswallwa la naha le ho moditjhaba ya jakileng hara lona.”


Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


Ka letsatsi la bosupa la kgwedi, o tla etsa jwalo bakeng sa e mong le e mong ya entseng sebe ka baka la bofokodi kapa ka baka la ho se tsebe. Ka mokgwa o jwalo le tla etsetsa Tempele pheko.


“ ‘Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:


“ ‘Ha kgosana e etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena Modimo wa hae, e se ka morero, e molato.


“Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.


Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele.


Molao o tla ba mong, le taelo e tla ba nngwe ho lona le ho mojaki ya jakileng hara lona.’ ”


“ ‘Ha le etsa phoso, mme le sa boloke melao ena yohle eo Morena a e boleletseng Moshe;


“ ‘Haeba e mong a etsa sebe e se ka morero, o tla nyehela ka podi e tshehadi, e nang le selemo, e le nyehelo e tlosang sebe.


Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona.


“Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Ha monna kapa mosadi a ka etsa sebe sefe kapa sefe se yeng se etswe ke batho, mme kahoo a sitelwa Morena ka ho se tshepahale, motho eo o tla ba molato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ