Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 27:27 - BIBELE

27 Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, motho o tla e lopolla ho ya ka kgakanyo ya hao, mme o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete ya topollo. Haeba a sa e lopolle, e tla rekiswa ka tjhelete eo o e hakantseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Empa haele phoofolo e sa hlwekang, e tla lopollwa ka theko eo o tlang ho e lekanyetsa ka yona, ka ho eketsa ka bohlano ba yona; ha e sa ka ya lopollwa, ho tla rekwa ka yona ka tekanyetso ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 27:27
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, e ke keng ya nyehellwa Morena e le sehlabelo, o tla tlisa phoofolo eo kapele ho moprista.


Empa haeba ya entseng kano a rata ho lefa tjhelete ya topollo ya phoofolo eo, o tla e eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng.


Empa haeba motho ya kgethetseng Morena ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme ntlo e tla boela e eba ya hae.


“ ‘Ho se be motho ya ka kgethelang Morena matsibolo a diphoofolo tsa hae, hobane wona ke a Morena; e ka ba matsibolo a kgomo, kapa a nku, ke a Morena.


“ ‘Empa ntho efe kapa efe e abilweng, eo motho a e abelang Morena, eo e leng ya motho ya e abang; e ka ba motho, kapa phoofolo, kapa tshimo eo e leng lefa la hae, e ke ke ya rekiswa kapa ya lopollwa. Ntho e nngwe le e nngwe e abilweng, e halalela ka ho fetisisa ho Morena.


Haeba motho a rata ho lopolla karolo ya hae e le nngwe ho tse leshome, o tla e eketsa ka karolo ya yona e le nngwe ho tse hlano.


Hape o tla lefa tseo a itshietseng tsona tsa tse halalelang, a be a di eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo. A di nee moprista, mme moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka pheleu ya nyehelo e tlosang molato, mme motho eo o tla tshwarelwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ