Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 27:13 - BIBELE

13 Empa haeba ya entseng kano a rata ho lefa tjhelete ya topollo ya phoofolo eo, o tla e eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ekare ha motho a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano hodima theko e lekantsweng ke wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 27:13
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ha monna a ka ja ntho e halalelang ka phoso, o tla eketsa ntho eo e halalelang ka karolo e le nngwe ho tse hlano ya yona, mme a e nee moprista.


Motho eo a se ke a tlisa ho hong bakeng sa yona, kapa a tlisa esele; bakeng sa e ntle a se ke a tlisa e mpe, kapa bakeng sa e mpe a tlisa e ntle. Haeba a ka ananya phoofolo eo ka phoofolo esele, bobedi ba tsona di tla halalela.


Moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme ho tla uwa kamoo moprista a hakanyang kateng.


“ ‘Ha motho a kgethela Morena ntlo ya hae hore e halalele ho Morena, moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme theko ya yona e tla ba kamoo moprista a e hakantseng kateng.


Empa haeba motho ya kgethetseng Morena ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme ntlo e tla boela e eba ya hae.


Haeba ya kgethetseng Morena tshimo eo a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme tshimo e tla boela e eba ya hae.


Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, motho o tla e lopolla ho ya ka kgakanyo ya hao, mme o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete ya topollo. Haeba a sa e lopolle, e tla rekiswa ka tjhelete eo o e hakantseng.


Hape o tla lefa tseo a itshietseng tsona tsa tse halalelang, a be a di eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo. A di nee moprista, mme moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka pheleu ya nyehelo e tlosang molato, mme motho eo o tla tshwarelwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ