Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 26:45 - BIBELE

45 Empa ka baka la bona, ke tla hopola selekane sa baholoholo ba bona, bao ke ileng ka ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba di ntseng di bona, hore ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Ke tla hopola ka baka la bona selekane sa ka le bontata bona moholo, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta mahlong a ditjhaba, ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 26:45
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


Bona, ke na le wena, mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena. Ha nka ke ka o furalla, ho fihlela ke etsa seo ke se buileng ho wena.”


ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle.


A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.


Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo.


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ”


Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a baditjhaba ba boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta.


Empa ka baka la ho boulela lebitso la ka hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tse boneng ha ke ntsha Baiseraele naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka ba isa letsoho.


Empa ka boulela lebitso la ka, hore le se ke la silafatswa mahlong a ditjhaba tseo ba neng ba phela hara tsona, ka iponahatsa ho Baiseraele ka ho ba ntsha naheng ya Egepeta, moo ditjhaba tseo di ntseng di bona.


Ke nna Morena ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona; ka baka leo, le tla halalela, hobane ke a halalela.


ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Morena.”


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke le nee naha ya Kanana, mme ke be Modimo wa lona.’ ”


Ha e le mona tshito ya bona e ruisitse lefatshe, mme bokwenehi ba bona bo ruisitse baditjhaba, tshokoloho ya bona bohle e tla ruisa lefatshe hakaakang!


Morena Modimo wa lona, ke Modimo ya mohau, a ke ke a le lahla, kapa a le timetsa, kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona.”


Hopola bahlanka ba hao bo-Aborahama, le Isaka, le Jakobo. Se ke wa natsa manganga a sona, kapa bokgopo ba sona, kapa sebe sa sona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ